Toropong e phetheselang ya Nairobi,
hole le bophelo ba tsotello ba hae, ho ne
ho dula bashanyana ba se nang mahae.
Ba ne ba amohela letsatsi ka leng ka
moo le neng le tla kateng.
Hoseng ho hong, bashanyana ba ne ba
pakela dimmata tsa bona ka mora ho
robala dipheivementeng tse batang. Ho
iphuthumatsa, ba ne ba besa
mollo ka matlakala.
Hara sehlopha sa bashanyana ho ne ho
le ya bitswang Magozwe. E ne e le yena
e monyenyane ho ba feta.
En la okupata urbo Najrobo, malproksime de zorgema vivo hejme, loĝis grupo de senhejmaj knaboj. Ili bonvenigis ĉiun tagon kiel ajn ĝi venis. Unu mateno, la knaboj pakis siajn matojn post dormado sur malvarmaj trotuaroj. Por forpeli la malvarmon ili ekbruligis fajron per rubo. Inter la grupo de knaboj estis Magozwe. Li estis la plej juna.
Ha batswadi ba Magozwe ba hlokahala,
o ne a le dilemo di hlano feela. O ile a
ya dula le malomae. Monna enwa o ne a
sa kgathalle ngwana. O ne a sa fe
Magozwe
dijo tse lekaneng. O ne a sebedisa
moshanyana enwa ka thata.
Kiam la gepatroj de Magozwe mortis, li havis nur kvin jarojn. Li iris loĝi kun sia onklo. Ĉi tiu viro ne zorgis pri la infano. Li ne donis al Magozwe sufiĉe da manĝaĵo. Li igis la knabon multe labori.
Ha Magozwe a ne a ipelaetsa kapa a
botsa potso, malomae o ne
a mo shapa. Ha Magozwe a ne a botsa
hore na a ka ya sekolong, malomae o ne
a mo shapa mme a re, “O sethoto haholo
hore o ka ithuta eng kapa eng.”
Ka mora dilemo tse tharo tsa tshwaro
ena Magozwe o ile a baleha ha
malomae. O ile a qala ho phela
seterateng.
Se Magozwe plendis aŭ demandis, lia onklo batis lin. Kiam Magozwe petis, ĉu li povas iri al lernejo, lia onklo batis lin kaj diris: “Vi estas tro stulta por lerni ion ajn.” Post tri jaroj de ĉi tiu traktado Magozwe forkuris de sia onklo. Li ekloĝis surstrate.
Bophelo ba seterateng bo ne bo le thata
mme boholo ba bashanyana ba ne ba
sokola letsatsi ka leng ho fumana dijo.
Ka nako tse ding ba
ne ba tshwarwa, ka nako tse ding ba
shatjwa. Ha ba ne ba kula, ho ne ho se ya
ba thusang.
Sehlopha se ne se phela ka tjheletenyana
eo se neng se fuwa
ka ho kopa, le ka ho rekisa dipolasitiki le
dintho tse ding tse sebediswang
hape.
Bophelo bo ne bo le thata haholo ka baka
la dintwa tsa dihlopha tse lwantshanang
tse neng di batla
taolo dikarolong tse ding tsa toropo.
Strata vivo estis malfacila kaj la plej multo de la knaboj luktis ĉiutage nur por akiri manĝon. Foje ili estis arestitaj, foje batitaj. Kiam ili estis malsanaj, estis neniu por helpi. La grupo dependis de la malmulta mono, kiun ili akiris de almozpetado, kaj de vendado de plastoj kaj aliaj reciklado. La vivo estis eĉ pli malfacila pro bataloj kun rivalaj grupoj, kiuj volis regi partojn de la urbo.
Tsatsi le leng Magozwe o ne a ntse a
sheba ka hara meqomo ya matlakala, ha
a tla fumana buka ya dipale e marantha.
O ile a tlosa ditshila ho
yona mme a e Kenya ka mokotlaneng wa
hae.
Tsatsi ka leng ka mora moo, o ne a e
ntsha a sheba ditshwantsho. O ne a sa
tsebe ho bala mantswe.
Iun tagon, dum Magozwe trarigardis la rubujojn, li trovis malnovan ĉifonan rakontolibron. Li purigis la malpuraĵon de ĝi kaj metis ĝin en sian sakon. Ĉiutage poste li elprenis la libron kaj rigardis la bildojn. Li ne sciis kiel legi la vortojn.
Ditshwantsho di ne di pheta pale ya
moshanyana ya ileng a hola ho ba
mokganni wa sefofane.
Magozwe o ne a dula a lora le motsheare
ka ho ba mokganni wa sefofane. Ka nako
tse ding o ne a ipona e le yena
moshanyana wa paleng.
La bildoj rakontis la historion de knabo, kiu fariĝis piloto. Magozwe revus esti piloto. Foje, li imagis, ke li estas la knabo en la rakonto.
Ho ne ho bata mme Magozwe a eme ka
thoko le tsela a ntse a kopa. Monna a tla
ho yena . “Dumela, ke nna Thomas.
Kesebetsa haufi le mona, sebakeng seo
o ka fumanang seo o ka se jang,” ha
rialo monna eo.
A supa ntlo e tshehla ka marulelo a
bolou. “ Ke tshepa hore o tla ya moo ho
ya fumana dijo.?” A botsa. Magozwe a
sheba monna, a ba a sheba ntlo.
“Mohlomong,” a rialo, a bile a tsamaya.
Malvarmis kaj Magozwe staris sur la vojo almozpetante. Viro iris al li. “Saluton, mi estas Tomaso. Mi laboras proksime ĉi tie, en loko, kie vi povas havi ion por manĝi,” diris la viro. Li indikis flavan domon kun blua tegmento. “Mi esperas, ke vi iros tien por iom manĝi?” li demandis. Magozwe rigardis la viron, kaj poste la domon. “Eble,” li diris, kaj foriris.
Ka mora dikgwedi tse ileng tsa latela,
bashanyana ba hlokang mahae ba
tlwaela ho bona Thomas moo. O ne a
rata ho bua le batho, haholoholo batho
ba phelang diterateng.
Thomas o ne a mamela dipale tsa
maphelo a batho ba bang. O ne a tiile
ebile a na le mamello, a se tala kapa ho
hloka tlhompho.
Ba bang ba bashanyana ba ile ba qala ho
ya ntlong e tshehla le bobolou ho ya
fumana dijo motsheare.
Dum la sekvaj monatoj, la senhejmaj knaboj kutimis vidi Tomason. Li ŝatis paroli kun homoj, precipe homoj surstrate. Tomaso aŭskultis la rakontojn pri la vivoj de homoj. Li estis serioza kaj pacienca, neniam malĝentila aŭ senrespekta. Iuj el la knaboj komencis iri al la flava kaj blua domo por manĝi tagmeze.
Magozwe o ne a dutse
pheivementeng a shebile buka ya hae ya
ditshwantsho ha Thomas a fihla a
dula pela hae.
“ Pale e bua ka eng? ”
ha botsa Thomas.
“ Ke ka moshanyana ya
bang mokganni wa sefofane,” ha
araba Magozwe.
“Lebitso la moshanyana ke mang?” ha
botsa Thomas.
“Ha ke tsebe, ha ke tsebe ho bala,” ha
rialo Magozwe a buela tlase.
Magozwe sidis sur la trotuaro rigardante sian bildlibron, kiam Tomaso sidiĝis apud li. “Pri kio temas la rakonto?” demandis Tomaso. “Temas pri knabo, kiu fariĝas piloto,” respondis Magozwe. “Kiel nomiĝas la knabo?” demandis Tomaso. “Mi ne scias, mi ne scias legi,” diris Magozwe mallaŭte.
Ha ba kopana, Magozwe o ile a qala a
phetela Thomas pale ya hae. E ne e le
pale ya malomae le hore na hobaneng a
ile a baleha.
Thomas ha a ka a bua haholo , mme ha a
ka a bolella Magozwe seo a lokelang ho
se etsa, empa o ne a
mamela ka hloko ka dinako tsohle.
Ka nako tse ding ba ne ba bua ha ba
ntse ba ja ntlong e la ya marulelo a
bolou.
Kiam ili renkontiĝis, Magozwe komencis rakonti sian propran historion al Tomaso. Ĝi estis la rakonto de lia onklo kaj kial li forkuris. Tomaso ne multe parolis, kaj li ne diris al Magozwe kion fari, sed li ĉiam aŭskultis atente. Foje ili parolis dum ili manĝis ĉe la domo kun la blua tegmento.
Nakong ya letsatsi la tswalo la dilemo
tse leshome tsa Magozwe, Thomas o ile
a mo fa buka e ntjha ya dipale E ne e le
pale ya moshanyana wa mahaeng ya
ileng a hola ho ba sebapadi sa bolo ya
maoto se tummeng.
Thomas o ile a balla Magozwe pale eo
makgetlo a mangata, ho fihlela tsatsi le
leng a re,
“Ke nahana hore ke nako ya hore ke ye
sekolong ke ilo ithuta ho bala. O nahana
jwang?”
Thomas a hlalosa hore o tseba sebaka
seo bana ba ka dulang ho sona ba kgona
ho ya sekolong.
Proksime al la deka naskiĝtago de Magozwe, Tomaso donis al li novan rakontolibron. Ĝi estis rakonto pri vilaĝa knabo, kiu kreskis esti fama futbalisto. Tomaso legis tiun rakonton al Magozwe multfoje, ĝis unu tago li diris, “Mi pensas, ke venis la tempo, por vi iri al lernejo kaj lerni kiel legi. Kion vi pensas?” Tomaso klarigis, ke li scias pri loko, kie infanoj povas loĝi kaj iri al lernejo.
Magozwe a nahana ka sebaka sena se
setjha le ka ho ya sekolong. Ha e ka ba
malomae o ne a nepile ha a re o
sethoto haholo ho ka ithuta eng kapa
eng?
Ha e be ba tla mo shapa sebakeng se se
setjha? O ne a tshaba. “Mohlomong ho
betere ho itulela seterateng,” a nahana
jwalo.
Magozwe pensis pri ĉi tiu nova loko, kaj pri irado al lernejo. Kaj kio se lia onklo pravus kaj li estus tro stulta por lerni ion ajn? Kio se ili batus lin ĉe ĉi tiu nova loko? Li timis. “Eble estas pli bone resti loĝanta sur la strato,” li pensis.
O ile a arolela Thomas tshabo ena ya
hae. Ka mora nako monna eo a tiisetsa
moshanyana hore bophelo bo ka ba
betere sebakeng se setjha.
Li dividis siajn timojn kun Tomaso. Post iom da tempo la viro trankviligis la knabon, ke la vivo povus esti pli bona ĉe la nova loko.
Yaba Magozwe o ya dula phaposing ya
ntlo e marulelo a matala. A arolelana
phaposi le le bashanyana ba bang ba
babedi.
Kaofela ha bona e ne e le bana ba
leshome ba dulang ntlong eo. Hammoho
le rakgadi Cissy le mohatsa
wa hae, dintja tse tharo,katse, le podi e
tsofetseng.
Kaj tiel Magozwe translokiĝis en ĉambron en domo kun verda tegmento. Li dividis la ĉambron kun du aliaj knaboj. Entute estis dek infanoj loĝantaj en tiu domo. Kune kun onklino Cissy kaj ŝia edzo, tri hundoj, kato, kaj maljuna kapro.
Magozwe a qala hoy a sekolong mme
ho ne ho le thata. O ne a lokela ho ithuta
haholo ho ba maemong
a ba bang.
Ka nako tse ding o ne a batla ho inehela .
Empa a nahana ka mokganni wa
sefofane le sebapadi sa bolo
ka hara dibuka tsa dipale. Jwaloka bona,
ha a ka a inehela.
Magozwe komencis lernejon kaj ĝi estis malfacila. Li havis multon por lerni post malfrua komenco. Foje li volis rezigni. Sed li pensis pri la piloto kaj la futbalisto en la rakontolibroj. Kiel ili, li ne rezignis.
Magozwe o ne a dutse ka jareteng ntlong
e marulelo a matala, a ntse a bala buka
ya dipale . Thomas o ile a tla ho tla dula
pela hae.
“Pale e bua ka eng?” ho botsa Thomas.
“Ke ka moshanyana ya bang mosuwe,”
ha araba Magozwe.
“Lebitso la moshanyana ke mang?” ha
botsa Thomas.
“Lebitso la hae ke Magozwe,” ha rialo
Magozwe ka pososelo
Magozwe sidis en la korto ĉe la domo kun la verda tegmento, legante rakontolibron de la lernejo. Tomaso venis kaj sidis apud li. “Pri kio temas la rakonto?” demandis Tomaso. “Temas pri knabo, kiu fariĝas instruisto,” respondis Magozwe. “Kiel nomiĝas la knabo?” demandis Tomaso. “Li nomiĝas Magozwe,” diris Magozwe ridetante.